1 Samuele 30:3 - BIBELE Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Davida le banna ba hae ba fihla hae motseng, ba o fihlela o tjhesitswe, le basadi ba bona le bara ba bona le baradi ba bona ba isitswe kgolehong. |
hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, o shapa mora e mong le e mong eo a mo amohelang.”
“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.
Davida le banna ba hae ba jaka ha Akishe, naheng ya Gate. Monna e mong le e mong o ne a ena le ba lelapa la hae. Davida le yena o ne a ena le basadi ba hae ba babedi, e leng Ahinoame wa Jesereele, le Abikaele wa Karamele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale.
ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona.
Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla.