La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 3:7 - BIBELE

Samuele o ne a eso ka a tseba Morena; le lentswe la Morena o ne a eso ka a le senolelwa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Haele Samuele, o ne a eso ho tsebe Jehova, le lentswe la Jehova o ne a eso ho senolelwe lona.

Ver Capítulo



1 Samuele 3:7
5 Referencias Cruzadas  

empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.


A re ho bona: “Na le ne le amohele Moya o Halalelang mohla le dumelang na?” Ba araba, ba re: “Ha re eso ka re utlwa hore ho na le Moya o Halalelang.”


Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana.


Morena a boela a bitsa Samuele. Samuele a ema, a ya ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a araba, a re: “Ha ke a o bitsa, ngwanaka; tsamaya o yo robala hape.”


Morena a bitsa Samuele kgetlo la boraro. Yaba o a tsoha, o ya ho Eli, o re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a elellwa hore ke Morena ya bitsang moshanyana.