Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.
1 Samuele 3:11 - BIBELE Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene. Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma. |
Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.
Kamehla ha e feta e tla le hohola, e le hohole hoseng, motsheare le bosiu; ha le utlwisisa molaetsa ebe le a tshoha.
Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.”
o re: ‘Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone.
“Tadima ditjhaba, o ke o lebelle; ako makale, o be o hlollwe. Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao, ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.
Batho ba tla akgeha ke tshabo le tebello ya tse tlang lefatsheng, hobane dinaledi tsa lehodimo di tla tsukutleha.
“ ‘Tadimang, lona banyedisi ting! Makalang, le be le timele! Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao; ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela, leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.’ ”
Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.”
Bafilesita ba lwana, Baiseraele ba hlolwa. Mohlabani ka mong a balehela lapeng la hae. Ba ba etsa mofela, ha bolawa Baiseraele ba ditaaso ba dikete tse mashome a mararo.