Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,
1 Samuele 27:9 - BIBELE Davida a bolaya batho bohle ba naha eo. O ne a ye a se ke a siya monna kapa mosadi a ntse a phela; a hape dinku, le dikgomo, le ditonki, le dikamele, esita le diaparo, ebe jwale o kgutlela ho Akishe. Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a hlola fatshe la bona, ho se ke ha pholoha monna leha e le mosadi, a tla le dinku, le dikgomo, le diesele, le dikamele, le diaparo; a kgutla, a tla le tsona ho Akishe. |
Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,
Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo.
O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.
Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.
Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki.
Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”
Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.