Bana ke bona ba ileng ba tla ho Davida ha a ntse a ipatile Sikelage, ka baka la ho tshaba Saule, mora wa Kishe. E ne e le ba bang ba bahale ba neng ba mo thusa ntweng.
1 Samuele 27:2 - BIBELE Davida a tsamaya a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, a ya ho Akishe, mora wa Maoke, kgosi ya Gate. Sesotho 1909/1961 (SO) Kahoo, Davida a tloha, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng, a fetela le bona ho Akishe, mora Maoke, morena wa Gathe. |
Bana ke bona ba ileng ba tla ho Davida ha a ntse a ipatile Sikelage, ka baka la ho tshaba Saule, mora wa Kishe. E ne e le ba bang ba bahale ba neng ba mo thusa ntweng.
Ka lona letsatsi leo Davida a ema a baleha ka baka la ho tshaba Saule, a ba a ya fihla ho Akishe, kgosi ya Gate.
Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo hase Davida, kgosi ya naha ye? Na basadi ha ba a ka ba mmina metjekong, ba re: “ ‘Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete?’ ”
Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.
Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?” Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”
Kahoo Davida a ya, a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, mme ba fihla molatswaneng wa Besore, moo ba kgathetseng ba ileng ba sala teng.