Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”
1 Samuele 26:9 - BIBELE Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?” Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na? |
Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”
Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: ‘Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!’ ”
Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”
Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.
Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.
Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”
Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.”