“Ba laele hape, o re: ‘Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano.
1 Samuele 26:7 - BIBELE Jwale bo-Davida le Abishai ba fihla ho bahlabani ba Saule bosiu, mme ba bona Saule a robetse kahara sakanalankope le entsweng ka dikariki tsa ntwa, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae, bo-Abinere le bahlabani ba robetse ba mo potapotile. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Davida le Abishai ba fihla bosiu ho setjhaba, ba fihlela Saule a sekame, a robetse diahelong, lerumo la hae le hlomilwe fatshe pela mosamo wa hae, Abnere le setjhaba ba robetse ba mo teetse hare. |
“Ba laele hape, o re: ‘Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano.
Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa.
Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”
Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.”