La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 24:7 - BIBELE

Davida a kgalemela banna ba hae ka mantswe ana, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Yaba Saule o a ema, o tswa ka lehaheng, o ikela ka tsela ya hae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Davida a hanela banna ba hae ka taba eo, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Ebile Saule o tsoha fatshe, a tswa lehaheng, a ikela ka tsela ya hae.

Ver Capítulo



1 Samuele 24:7
10 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”


Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka,


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,


Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”


Davida a re ho banna ba hae: “Morena a mpe a ntshware letsoho, ke se ke ka etsa ntho ena ho monga ka, motlotsuwa wa Morena. Ke se ke ka ba ka mo isa letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.”


Hamorao Davida le yena a ema, a tswa ka lehaheng, a howeletsa Saule, a re: “Kgosi ya ka! Monga ka!” Ha Saule a hetla, Davida a obama, a isa hlompho.


Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka.


Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho.


Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?”