1 Samuele 24:2 - BIBELE Saule a nka mokgetho wa banna ba dikete tse tharo setjhabeng sohle sa Iseraele, a tsamaya ho ya batla Davida le banna ba hae Mafikeng a Dipodi tsa Naha. Sesotho 1909/1961 (SO) Kahoo, Saule a nka batho ba kete tse tharo, ba kgethilweng hara Baiseraele bohle, a ya batla Davida le banna ba hae mafikeng a dikome. |
“Na o tseba nako ya ho tswala ha podi ya naha? Na o kila bona kgama ha e phatla, e tswala?
Mohla baahlodi ba bona ba dihelwang dilomong, ke hona batho ba tla tseba hore mantswe a ka e ne e le a nnete.
Metswalle le balekane ba ka ba emeletse thoko le bohloko ba ka, baheso ba emeletse hole le nna.
Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.
Yaba Saule o kgaotsa ho phaladisa Davida, o futuhela Bafilesita. Ka baka leo, sebaka seo ba se rea lebitso la Lefika la Karohano.
Saule a tsamaya, a theohela lehwatateng la Sife, a ena le banna ba dikete tse tharo ba mokgetho wa Baiseraele, ho ya batla Davida lehwatateng la Sife.