1 Samuele 24:1 - BIBELE Ha Saule a kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, batho ba mmolella, ba re: “Hela! Davida o lehwatateng la Ene-Gedi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Saule, ha a kgutla ho phallela Bafilesta, a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o feelleng la Ene-Gedi. |
Baahi ba hao ba etseletsa ba bang, e le hore ba tle ba tsebe ho ba bolaya. Ba bang ba bona ba ja mahlabelo a etseditsweng medimo ya bohata. Ba bang ba phethahatsa ditakatso tsa bona tsa nama.
Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.
le Nibeshane, le Motse wa Letswai, le Ene-Gedi. Metse ena, e ne e tsheletse, le metsana ya yona.
Jwale Basife ba nyoloha, ba ya ho Saule ha a le Gibea, ba re: “Davida o ipatile naheng ena ya rona, diqhobosheaneng tse Horeshe, lerallaneng la Hakila, le ka borwa ho lehwatata.