Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.
1 Samuele 22:2 - BIBELE Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane. |
Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.
Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”
“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.
Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”
Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.
Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa.
Jafeta a baleha, a tloha ho bana babo, a ya aha naheng ya Tobe. Ha a le moo a bokanya banna ba dinokwane, mme ba tsamaya le yena.
Bana ba Dane ba re ho yena: “O se hlole o bua le rona, esere banna bana ba halefileng ba o lwantsha, mme wena le ba lelapa la hao la shwa.”
Davida a tloha moo; a ya Misepa e Moabe, mme a re ho kgosi ya Moabe: “Ke a o rapela: Ako dumelle ntate le mme hore ba tle mona, ba tlo dula le lona, ho fihlela ke tseba seo Modimo a tla nketsetsa sona.”
Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.
Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.
Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.
“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”