Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?” Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.”
1 Samuele 21:2 - BIBELE Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: ‘O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona.’ Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng. Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho moprista Akimeleke: Morena o ntaetse taba, a re ho nna: Ho se ke ha tseba motho taba eo ke o romang yona, le seo ke o laetseng sona. Ke kahoo ke laetseng bahlankana ba ka baka se itseng. |
Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?” Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.”
Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: ‘Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.’ ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.
Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema.
Pele ba bang ba tswang ho Jakobo ba fihla, Kefase o ne a eja le baditjhaba, empa yare ha ba se ba fihlile, a ikgula, a iketsa mokgelo, hobane o ne a tshaba Bajuda.
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.
Saule a re ho Mikale: “Ke ka baka lang ha o nthetsitse tjee, o bile o tlohetse le sera sa ka se iketse, se phonyohile?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna: ‘Ntlohele ke tsamaye, ho seng jwalo ke tla o bolaya!’ ”
Ekaba ho jewang? Na o na le dinkgwa tse hlano? Ako mphe tsona, kapa o mphe eng le eng e o nang le yona.”
Davida a re ho Abiatare: “Ka letsatsi leo Doege wa Moedomo a neng a le mona ka lona, ke ne ke tsebe hore o tla phetela Saule ditaba. Batho bohle ba lelapa la ntatao ba bolailwe ka baka la ka.
Jwale Doege wa Moedomo, eo e neng e le mookamedi wa badisana ba Saule, a araba, a re: “Ke ne ke bone mora wa Jese ha a fihla Nobe, ho Ahimeleke, mora wa Ahitube.