Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”
1 Samuele 2:34 - BIBELE “ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng. Sesotho 1909/1961 (SO) Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng. |
Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”
Hoo e tla ba pontsho ho lona, ke hore le tla fumana lesea le phuthilweng ka masela, le robetse ka sejelong.”
Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.
Feela hase banna bohle ba lelapa la hao bao ke tla ba tlosa aletareng ya ka, ho o llisa, le ho o utlwisa bohloko, empa ditloholo tsohle tsa hao di tla shwa e sa le bahlankana.
Ka letsatsi leo, ke tla etsetsa Eli tsohle tseo ke di buileng malebana le ntlo ya hae, ho tloha qalong ho isa qetellong.
Areka ya Modimo ya haptjwa; bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, le bona ba bolawa.
Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.”
Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae.