Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo.
Ebile monaila o tswa makgotleng a Bafilesta, lebitso la hae e le Goliathe wa Gathe; bolelele ba hae e ne e le ditswe tse tsheletseng tse nang le boahlamo ba seatla.
A bolaya monna wa Moegepeta, wa seqhobane, eo bolelele ba hae bo neng bo feta dimethara tse pedi. Moegepeta eo o ne a tshwere lerumo le lekaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, empa Benaya a ya ho yena a tshwere molamu; a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae.
Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.
Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.
Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao.
Hloohong se ne se rwetse katiba ya lethose, se apere baki e entsweng ka dipapetlwa tsa lethose, tse rokahantsweng, mme boima ba baki eo ya sona e le dikilo tse ka bang mashome a mahlano a metso e supileng.