O ne a ena le Davida ha a le Pasa-Damime, moo Bafilesita ba neng ba theile theko ya ntwa teng, tshimong ya harese. Bahlabani ba baleha Bafilesita.
1 Samuele 17:1 - BIBELE Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona hore a ye ntweng; ba a kgobokanya Soko e naheng ya Juda. Ba hloma pakeng tsa Soko le Aseka e naheng ya Efese-Damime. Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona ho futuha, mme ba phuthehela Soko wa Juda, ba tla, ba emisa mahareng a Soko le Aseka, pela Efese-Dammime. |
O ne a ena le Davida ha a le Pasa-Damime, moo Bafilesita ba neng ba theile theko ya ntwa teng, tshimong ya harese. Bahlabani ba baleha Bafilesita.
Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.
E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.
Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.
Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.
Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.
Ha Bafilesita ba utlwa hore bana ba Iseraele ba bokane Misepa, dikgosi tsa Bafilesita tsa nyoloha, tsa futuhela Baiseraele. Bana ba Iseraele ba utlwa hona, mme ba tshoha Bafilesita.