Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”
1 Samuele 16:2 - BIBELE Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!” Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: ‘Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo.’ Sesotho 1909/1961 (SO) Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova. |
Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”
a re: ‘Ke a o rapela: Ako ntumelle ke tsamaye, hobane lelapa leso le tla etsa sehlabelo motseng, heso, mme moholwane o ntaetse hore ke be teng. Jwale haeba o fela o nthata, ke a o rapela: Ntumelle ke tsamaye, ke yo bona bana beso.’ Ke ka lebaka lena Davida a sa tlang dijong tsa kgosi.”
Basetsana ba ba araba, ba re: “Se teng. Se ka mono kapele ho lona. Potlakang; se fihlile hona kajeno motseng ona, hobane hona kajeno setjhaba se ilo etsetswa sehlabelo aletareng e hodima leralla.