e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba.
1 Samuele 15:8 - BIBELE Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole. Sesotho 1909/1961 (SO) A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo. |
e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba.
Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.
Ba bolaya masalla a Baamaleke a ileng a phonyoha, mme ba aha naheng eo ya bona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Kamora tsena, kgosi Ahashuerushe a phahamisa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a mo etsa mookamedi wa mahosana wohle a neng a sebetsa le yena.
“ ‘Motho ofe kapa ofe ya lelekilweng setjhabeng sa habo, a ke ke a lopollwa; ruri o tla bolawa.
Metsi a phalla dinkgong tsa hao, peo ya hae e tla ba metsing a mangata, kgosi ya hae e tla ba kgolo ho feta Akake, mmuso wa hae o tla phahamiswa.
Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng.
Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela.
Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang.
Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”
Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,