Davida a hahela Morena aletare hona moo, a nyehela ka dinyehelo tsa setjheso le tsa teboho. Yaba Morena o hauhela setjhaba, mme sewa sa kgaotsa naheng ya Iseraele.
1 Samuele 13:9 - BIBELE Ka baka leo, Saule a re: “Ntlisetseng nyehelo ya setjheso le nyehelo ya teboho.” Saule a etsa nyehelo ya setjheso. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Saule a re: Ntlisetseng setjheso le mahlabelo a teboho. Ebile o etsetsa Jehova setjheso. |
Davida a hahela Morena aletare hona moo, a nyehela ka dinyehelo tsa setjheso le tsa teboho. Yaba Morena o hauhela setjhaba, mme sewa sa kgaotsa naheng ya Iseraele.
Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.
Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.
Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.
Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele.