1 Samuele 12:1 - BIBELE Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang, ke mametse tsohle tseo le ileng la mpolella tsona. Ke le neile kgosi e tla le busa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Samuele o re ho Baiseraele bohle: Le ka bona hobane ke mametse mantswe a lona kahohle kamoo le mpoleletseng kateng, ka ba ka le beela morena. |
Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.
Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?” Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”
Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”