Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”
1 Samuele 10:16 - BIBELE Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena. Sesotho 1909/1961 (SO) Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele. |
Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”
Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.
A ntshetsa dinotshi tseo ka matsoho, a tswela pele, a tsamaya a ntse a eja. Yaba o kgutlela ho batswadi ba hae, a fihla a ba fa mahe a dinotshi, mme ba eja. Empa a se ke a ba bolella hore o ntsheditse mahe ana a dinotshi ka sefifing sa tawana.
Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”
Ha ba theohela ho ya qetellong ya motse, Samuele a re ho Saule: “Ere mohlanka wa hao a fetele kapele ho rona,” eo a fetela kapele, “empa wena o eme themelele! mme ke tla o bolella molaetsa wa Modimo.”