1 Samuele 1:13 - BIBELE Anna o ne a rapela ka pelo, a ntse a bebenya melomo feela, empa lentswe la hae le sa utlwahale. Ka baka leo, Eli a hopola hore mosadi eo o tahilwe. Sesotho 1909/1961 (SO) etswe Anna a ne a bua ka pelo feela, a bebenya melomo, lentswe lona le sa utlwahale. Kahoo, Eli a lekanya hoba o tahilwe. |
Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae.