1 Bakorinthe 9:9 - BIBELE Molaong wa Moshe ho ngotswe, ho thwe: “E polang ha e tlangwe molomo.” Na Modimo o tsotella dikgomo feela? Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa thiba molomo wa kgomo, ha e pola. Hleka le re, Modimo ha o rialo, ke ho hlokomela dikgomo na? Baasraak Sotho NT Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa tlama kgomo molomo ha e fola. A Modimo o hlokomela dikgomo na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa tlama kgomo molomo ha e fola. A Modimo o hlokomela dikgomo na? |
Na koro e hailwa hore e thumisehe? Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla; leha e hatiswa ka mabidi a kariki, dipere ha di ke be di e thumise.
Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”
Jwale, hore tumelo o e baletswe e le ho loka, ha ho a ngolwa ka baka la Aborahama feela,
empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole.
Mangolo a re: “E polang ha e tlangwe molomo.” Hape a re: “Ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae.”