Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae.
1 Bakorinthe 9:4 - BIBELE Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa? Sesotho 1909/1961 (SO) Hleka ha re na tokelo ya ho ja le ya ho nwa na? Baasraak Sotho NT Na ha re na matla a ho ja le ho nwa? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na ha re na matla a ho ja le ho nwa? |
Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae.
Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.
Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.