1 Bakorinthe 9:2 - BIBELE Leha ho ba bang ke se moapostola, ho lona bonyane ke yena, hobane ho Morena bopaki bo tiisang hore ke moapostola ke lona ka sebele. Sesotho 1909/1961 (SO) E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng. Baasraak Sotho NT Leha ke se moapostola ho ba bang, ho lona ruri ke yena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ke se moapostola ho ba bang, ho lona ruri ke yena; |
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”
hore e be mohlahlami tshebeletsong ena ya boapostola, eo Judase a e furaletseng, a ya sebakeng se mo lokelang.”
Tse bonahatsang hore ke moapostola wa nnete di entswe hara lona ka mamello yohle: ke mehlolo, dimakatso, le diketso tse matla.