Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”
1 Bakorinthe 9:1 - BIBELE Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena? Sesotho 1909/1961 (SO) Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na? Baasraak Sotho NT Na ha ke moapostola? Na ha kea lokoloha? Na ha ke eso bone Jesu Kreste, Morena wa rona? A ga se lona tiro ya me mo Moreneng? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na ha ke moapostola? Na ha kea lokoloha? Na ha ke eso bone Jesu Kreste, Morena wa rona? A ga se lona tiro ya me mo Moreneng? |
Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”
Empa ha baapostola Baranabase le Paulosi ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba ikakgela hara letshwele, ba howa,
Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.”
Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.
Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”
Ha a ntse a tsamaya, a se a le haufi le Damaseka, hanghang ha phatsima lesedi le tswang lehodimong, la mo teela hare.
Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,
Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.
Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka,
Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona,
Ha ke bolele letswalo la hao, ke bolela la eo ya o boleletseng. Empa ke hobaneng ha bolokolohi ba ka bo laolwa ke letswalo la e mong?
Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.
Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.
Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena.
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung,
Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.