1 Bakorinthe 8:9 - BIBELE Leha ho le jwalo, le hlokomele esere bolokolohi ba lona ba dihela ba tumelo e fokolang sebeng. Sesotho 1909/1961 (SO) Le mpe le iponele esere mohlomong tokoloho ya lona e ka kgopisa ba fokolang. Baasraak Sotho NT Empa iponeleng, esere tokelo eo ya lona ya eba kgopiso ho ba fokolang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa iponeleng, esere tokelo eo ya lona ya eba kgopiso ho ba fokolang. |
Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”
“Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa?
Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo.
“ ‘O se ke wa rohaka tsebetutu; o se ke wa bea sekgopi tseleng ya sefofu; empa o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.
“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.
Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.
Empa ha e mong a ka re ho lona: “Sena ke se hlabetsweng medimo ya bohata,” le se ke la se ja ka baka la eo ya le boleleletseng, le ka baka la letswalo.
Ha ke bolele letswalo la hao, ke bolela la eo ya o boleletseng. Empa ke hobaneng ha bolokolohi ba ka bo laolwa ke letswalo la e mong?
Ha ya tumelo e fokolang a bona wena, ya nang le tsebo, o le dijong ka tempeleng ya modimo wa bohata, na hoo ho ke ke ha mo kgothaletsa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na?
Ka ho sitelwa bana babo lona jwalo, le bolaya matswalo a ba fokolang, le sitelwa Kreste.
Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang.
Ke hlajwa ke dihlong ho dumela hore re ile ra fokola tabeng ena, empa moo motho a sa tshabeng ho ithorisa, le nna ha ke tshabe. Feela ke bua ka bothoto.
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;
Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.
Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.
Ba tshepisa batho bolokolohi, athe bona ke makgoba a ditlwaelo tse bodileng, hobane motho ke lekgoba la se mo hlotseng.
“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.