La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 8:7 - BIBELE

Empa hase bohle ba nang le tsebo ena. Ba bang, ka baka la ho tlwaela medimo ya bohata, le kajeno-ya-bokajeno ba ntse ba eja tse hlabetsweng medimo ena, ka ho dumela hore ke dijo tsa mahlabelo. Ka ho tshaba ha matswalo a bona, ba ikutlwa ba silafetse;

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Leha ho le jwalo, tsebo eo ha e yo ho motho e mong le e mong; mme matswalo a bona ha a fokola a a silafala.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Leha ho le jwalo, tsebo eo ha e yo ho motho e mong le e mong; mme matswalo a bona ha a fokola a a silafala.

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 8:7
11 Referencias Cruzadas  

Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.


Bana beso, nna ke kgodisehile hore lona le molemo, le na le tsebo yohle le matla a ho eletsana.


Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho,


Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.


Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.