Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi.
1 Bakorinthe 7:8 - BIBELE Ho masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re: Ho molemo ha ba ka itulela jwaloka nna. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke re ho masoha le basadi ba bahlolohadi: Ho molemo ho bona ha ba ka dula jwaloka nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke re ho masoha le basadi ba bahlolohadi: Ho molemo ho bona ha ba ka dula jwaloka nna. |
Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi.
Ha ke lakatse ha le ka tshwenyeha. Ya sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka kgahlisa Morena jwang.
Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.
Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase?