Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.
1 Bakorinthe 7:12 - BIBELE Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena. Baasraak Sotho NT Empa ho ba bang ke bua nna, e seng Morena, ke re: Ekare ha modumedi a ena le mosadi ya sa dumelang, mme mosadi eo a dumela ho dula le yena, a se ke a mo hlala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho ba bang ke bua nna, e seng Morena, ke re: Ekare ha modumedi a ena le mosadi ya sa dumelang, mme mosadi eo a dumela ho dula le yena, a se ke a mo hlala. |
Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.
Le mosadi ha a ena le monna eo e seng modumedi, mme a kgotsofalla ho nna a phela le yena, a se ke a hlala monna eo.
Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.
Ha o tlamahantswe le mosadi ka lenyalo, o se ke wa itokolla. Ha o sa tlamahanngwa le mosadi ka lenyalo, o se ke wa ipatlela mosadi.
Tabeng ena ya ho itshepa le ho ithorisa, ha ke bue ka ho ya ka thato ya Morena, empa ke bua ka bothoto.