hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.
1 Bakorinthe 6:1 - BIBELE Ha e mong wa lona a ena le nyewe le e mong, a ka mo isa jwang makgotleng a bahedene, e seng kapele ho badumedi? Sesotho 1909/1961 (SO) Motho ho lona, ha a ena le taba ya tseko le e mong, ha a tshabe keng ho ya ahlolelwa ke bakgopo, e seng ke bahalaledi? Baasraak Sotho NT Ke mang ho lona ya nang le taba le e mong, a betang pelo hore a ye qosong pela ba kgopo, e seng ka pela bahalaledi? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke mang ho lona ya nang le taba le e mong, a betang pelo hore a ye qosong pela ba kgopo, e seng ka pela bahalaledi? |
hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.
Haeba Demetriose le basebetsi bao a nang le bona ba na le hoo ba ka qosang motho ka hona, lekgotla le butswe, mme ho na le baahlodi; a ba ke ba qosane teng.
re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:
hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,
Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.
Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.
Na ho ahlola batho ba kantle e ka ba taba ya ka? Na bao lona le ba ahlolang, hase badumedi?
Ke rialo hore le hlajwe ke dihlong! Na ha ho le ya mong ya bohlale hara lona, ya ka tsebang ho ahlola ditsekisanong tsa badumedi?