1 Bakorinthe 5:9 - BIBELE Lengolong la ka ke ile ka re le se ke la tlwaelana le dihlola. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi; Baasraak Sotho NT Ke le ngoletse lengolong hore le se ke la tlwaelana le dihlola. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke le ngoletse lengolong hore le se ke la tlwaelana le dihlola. |
Ho hang ke ne ke sa bolele dihlola tsohle tsa lefatshe lena, kapa ditlofa, kapa dinokwane, kapa basebeletsi ba medimo ya bohata, hobane hoo ho ka le tlama ho falla lefatsheng lena.
Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona.
Lahlelang tomoso ya kgale kantle, hore le tle le be hlama e ntjha, kaha le le bohobe bo sa lomoswang ba Paseka; ebile le Kreste, Konyana ya rona ya Paseka, o hlabilwe.
Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?
Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.
Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona.