1 Bakorinthe 4:16 - BIBELE Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke le kgothatsa ke hona, ke re, le be baetsisi ba ka. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke a le rapela: Ebang baetsisi ba ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke a le rapela: Ebang baetsisi ba ka. |
Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang.
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.
Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.
Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise.
Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.
Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona.