O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.
1 Bakorinthe 4:11 - BIBELE Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha. Baasraak Sotho NT Ho fihlela nakong ena re lapile, re nyorilwe, re hlobotse, re a otlwa, mme ha re na bodulo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho fihlela nakong ena re lapile, re nyorilwe, re hlobotse, re a otlwa, mme ha re na bodulo; |
O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.
Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
Yaba ho fihla Bajuda, ba etswa Antiokia le Ikonione, mme hoba ba kgodise matshwele, ba tlepetsa Paulosi ka majwe, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba hloma eka o shwele.
Ha ba se ba ba ntshitse metopa e mengata, ba ba hlahlela tjhankaneng, ba laela molebedi ho ba lebela ka thata.
Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?
hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.
Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo;
Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.
ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.