1 Bakorinthe 2:12 - BIBELE Rona ha re a amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, hore re tle re tsebe tseo re di filweng ke Modimo ka mohau wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele rona, ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, re tle re tsebe tseo re di filweng feela ke Modimo. Baasraak Sotho NT Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo. |
Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?
Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla;
Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.
e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona,
e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.
Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?”
Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete.
Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.
Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.
Jwale lengeloi la re ho nna: “Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete. Morena, Modimo ya neang baporofeta moya wa hae, o rometse lengeloi la hae ho tla bontsha bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane.