1 Bakorinthe 16:4 - BIBELE Haeba ho hlokeha hore le nna ke ye, ke tla ya le bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ekare ha ho ka tshwanela hore le nna ke ye, ba tla ya le nna. Baasraak Sotho NT Mme haeba ho loketse hore le nna ke ye, ba tla ya le nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme haeba ho loketse hore le nna ke ye, ba tla ya le nna. |
Ha ke fihla, ke tla romela bao le ka ba kgethang ka mangolo hore ba ise dimpho tsa lona tsa mohau Jerusalema.
Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia.
Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.