1 Bakorinthe 15:2 - BIBELE oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela. Sesotho 1909/1961 (SO) eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela. Baasraak Sotho NT Ke tseo le bolokehang ka tsona, ha le ka hopola molaetsa oo ke le boleletseng wona, haese ha le sa ka la dumela lefeela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke tseo le bolokehang ka tsona, ha le ka hopola molaetsa oo ke le boleletseng wona, haese ha le sa ka la dumela lefeela. |
E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.
Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.
Simone le yena a dumela. Hoba a kolobetswe, a kgomarela Filipi, a bona mehlolo le diketso tse kgolo, tse matla, tse etsahalang, mme a hlollwa.
Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.
Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa.
Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,
Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.
Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.
hobane rona re monko o monate wa Kreste o yang ho Modimo, o utlwahalang ho ba yang pholohong, le ho ba yang timelong.
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;
Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.
Kahoo, bana beso, emang le tiile, le kgomarele meetlo eo re le rutileng yona ka molomo kapa ka lengolo.
ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.
A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.
Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,
empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.
Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.
Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa?
Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.