Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.
1 Bakorinthe 13:6 - BIBELE ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le thabele bokgopo, le mpa le thabela nnete. Baasraak Sotho NT Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete; |
Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.
Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta.
Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.
Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”
Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.
Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa.
Haeba a ka e fumana, ruri ke re ho lona, o tla e thabela ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa kang tsa lahleha.
Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.
Ho nang? Ha feela Kreste a ntse a bolelwa ka mokgwa ofe kapa ofe, e ka ba ka boiketsiso kapa ka nnete, hoo ho a nthabisa, mme ke tla nne ke ho thabele.
Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste.
e le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba kgahlwa ke bokgopo, ba tle ba ahlolwe.
Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.