1 Bakorinthe 12:4 - BIBELE Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o fanang ka tsona o mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela. Baasraak Sotho NT Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o mong. |
Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.
Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.
Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,
Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.
Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.