Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
1 Bakorinthe 11:9 - BIBELE Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, monna ha a ka a bopelwa mosadi, ke mosadi ya bopetsweng monna. Baasraak Sotho NT Le monna ha a bōpeloa mosali; empa mosadi bakeng sa monna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le monna ha a bōpeloa mosali; empa mosadi bakeng sa monna. |
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Jwale motho a di rea mabitso; makgomo wohle, le dinonyana tse fofang, le diphoofolo tsohle tsa naha. Empa ha e le motho yena ha a a ka a fumanelwa molekane ya mo thusang.
Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho.
Ka baka la mangeloi, mosadi o tshwanetse ho rwala ho hong hloohong, e leng pontsho ya hore o tlasa taolo ya monna wa hae.