A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”
1 Bakorinthe 11:7 - BIBELE Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele monna, yena ha a tshwanela ho rwala hloohong, hobane ke setshwantsho le kganya ya Modimo; athe mosadi ke kganya ya monna. Baasraak Sotho NT Hobane monna ha a a tshwanela ho rwala hloohong, kahobane e le setshwantsho le kganya ya Modimo, empa mosadi ke kganya ya monna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane monna ha a a tshwanela ho rwala hloohong, kahobane e le setshwantsho le kganya ya Modimo, empa mosadi ke kganya ya monna. |
A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”
Ena ke buka ya leloko la Adama. Mohla Modimo a hlolang motho o ile a mo bopa ka setshwano sa Modimo;
“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.
O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho.
Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo.
Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste.
Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.
Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste.
Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo.