La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 11:6 - BIBELE

Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane ekare ha mosadi a sa rwale hloohong, a hle a kutwe; mme jwale, haele ntho e dihlong ha mosadi a ka kutwa, kapa a beolwa, a rwale hloohong ke hona.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ekare ha mosadi a sa ikoahele, a poole le yena;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ekare ha mosadi a sa ikoahele, a poole le yena;

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 11:6
5 Referencias Cruzadas  

Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako.


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana.


Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae.


“Mosadi a se ke a apara seaparo sa banna, le monna a se ke a apara seaparo sa basadi, hobane e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.”