Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.
1 Bakorinthe 11:5 - BIBELE Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe. Baasraak Sotho NT Empa mosadi e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a sa rwala hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa mosadi e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a sa rwala hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae; |
Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.
Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.
“ ‘Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.
Monna e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta a rwetse ho hong hloohong, o tlontlolla Kreste.
Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.
eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.