Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.
1 Bakorinthe 11:12 - BIBELE hobane jwalokaha mosadi a tswile ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane jwalokaha mosadi a nkilwe monneng, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo. Baasraak Sotho NT Hobane jwalokaha mosadi a tswa ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi; empa tsohle ke tsa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane jwalokaha mosadi a tswa ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi; empa tsohle ke tsa Modimo. |
Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.
Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna,
rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.
Tsena tsohle di tswa ho Modimo, ya ileng a re boelanya le yena ka Kreste, a ba a re nea mosebetsi wa ho boelanya batho ba bang le yena.