1 Bakorinthe 10:9 - BIBELE Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha. Sesotho 1909/1961 (SO) Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha. Baasraak Sotho NT Hape re se ke ra leka Kreste, jwalokaha ba bang hara bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape re se ke ra leka Kreste, jwalokaha ba bang hara bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha. |
Empa ba leka Modimo Ya Hodimodimo, ba mo leka ka ho mo fetohela, ba se ke ba mamela ditemoso tsa hae;
Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!” Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?”
Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba , ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?”