1 Bakorinthe 10:8 - BIBELE Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, re se ke ra etsa bootswa, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba ineela jona, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Baasraak Sotho NT Hape re se ke ra etsa bohlola, jwaloka ba bang ho bona ba kile ba etsa bohlola, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape re se ke ra etsa bohlola, jwaloka ba bang ho bona ba kile ba etsa bohlola, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. |
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.”
Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.
Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,
“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.