La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 10:5 - BIBELE

Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa Modimo ha o a ka wa kgahlwa ke ba bangata ba bona, hobane ba ne ba dihetswe feelleng.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa Modimo ha o a ka wa kgahlwa ke ba bangata ba bona, hobane ba ne ba dihetswe feelleng.

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 10:5
16 Referencias Cruzadas  

A phahamisa letsoho, a ba hlapanyetsa hore o tla ba bolaela lehwatateng,


Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo. Morena, o bile setshabelo sa rona melokong yohle.


Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: “Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.”


Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo.


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena.


“Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.


Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?


Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.