Le bosiung bona boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e monyenyane a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.
1 Bakorinthe 10:11 - BIBELE Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng. Sesotho 1909/1961 (SO) Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo. Baasraak Sotho NT Tsena tsohle di ile tsa ba hlahela hore e be mehlala, mme di ngotswe hore e be temoso ho rona ba fihletsweng ke mehla ya bofelo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tsena tsohle di ile tsa ba hlahela hore e be mehlala, mme di ngotswe hore e be temoso ho rona ba fihletsweng ke mehla ya bofelo. |
Le bosiung bona boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e monyenyane a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.
Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile.
Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi.
“Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale.
Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela.
Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi.
Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.
Jwale, hore tumelo o e baletswe e le ho loka, ha ho a ngolwa ka baka la Aborahama feela,
Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.
Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;
Na ha ho a totobala hore o bua ka rona, ha a rialo? E, ho hlile ho ngoletswe rona: ya lemang, kapa ya polang, o tshwanetse ho lema, kapa ho pola, ka tshepo ya hore o tla ba le kabelo dijong.
Taba tseo ke papiso. Basadi bao ba tshwantsha dilekane tse pedi. Se seng se tswang thabeng ya Sinai, se tshwantshwa ka Hagare, ya tswalang makgoba.
Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.