1 Bakorinthe 1:16 - BIBELE Hape ke bile ke kolobeditse ba lelapa la Setefanase. Ntle ho bona, ha ke hopole hore nkile ka kolobetsa e mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; haele ba bang, ha ke tsebe hoba ke kolobeditse mang. Baasraak Sotho NT Hape, ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape, ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; |
Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.
A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a thoba metopa ya bona, a ba a kolobetswa kapelepele le bohle ba lelapa la hae.
Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.
Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona.