Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya.
1 Bakorinthe 1:11 - BIBELE Bana beso, ke fela ke ile ka tsebiswa ka lona ke ba ha Kolowe hore le a tsekisana. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona. Baasraak Sotho NT Hobane banabeso, ba ntlo ya Kloe ke boleletswe ka lona hore ho na le dikomang hara lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane banabeso, ba ntlo ya Kloe ke boleletswe ka lona hore ho na le dikomang hara lona. |
Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya.
Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo. Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe.
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”
Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo.
hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?
Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.
tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,
ke moikakasi ya hlokang tsebo, ya mpang a tjhesehela ho phea kgang le ho ngangisana ka mantswe, mme hona ho tswala mona, diphapang, dinyefolo, dipelaellano tse mpe,
Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela.