A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.
Tshenolo 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela. BIBELE Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha. Baasraak Sotho NT Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela. |
A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.
batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.
Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.
Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!
Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse;
ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.